Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:29 - BIBELE

29 Kgosi e bua tjena: ‘Le se ke la thetswa ke Hesekiya, hobane a ke ke a le pholosa matsohong a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Morena o re: Le se ke la thetswa ke Esekiase, hobane a ke ke a le namolela matsohong a ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:29
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria!


Le se ke la dumela ha Hesekiya a re le tshepe Morena, a re: Morena o tla fela a re namolele, le motse ona o ke ke wa newa kgosi ya Asiria.’


Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?”


Bonang mona, Hesekiya a se ke a nna a le thetsa, a nna a le kgelosa ka mokgwa o tjena. Le se ke la mo mamela, hobane ha ho modimo wa setjhaba sefe kapa sefe, leha e le wa mmuso ofe kapa ofe, o kileng wa pholosa batho ba wona matsohong a ka, le matsohong a bo-ntate. Le lona, Modimo eo wa lona a ke ke a le pholosa matsohong a ka!’ ”


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


Yena o tla lwantsha, a iphahamisetse tsohle tse bitswang Modimo, tse kgumamelwang ke batho, hoo yena a tlang ho itulela ka Tempeleng ya Modimo, a iketse Modimo.


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ