2 Marena 18:22 - BIBELE22 Empa haeba o re ho nna: Re tshepile Morena Modimo wa rona, na hase yena eo Hesekiya a heleditseng dibaka tsa hae tsa borapedi, le dialetare tsa hae, a ba a re ho baahi ba Juda le ho ba Jerusalema: Le tla rapella kapele ho aletare ee, le le Jerusalema? အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)22 Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema? အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ha tsena tsohle di se di phethilwe, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ya metseng ya Juda. Ba fihla ba thua difika tseo ba di kgumamelang, ba senya le ditshwantsho tsa Ashera, ba heletsa dibaka tseo ho neng ho rapellwa medimo ya bohata ho tsona, ba heletsa le dialetare naheng yohle ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine, le ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, ho fihlela tsohle di sentswe. Jwale bana bohle ba Iseraele ba kgutla, e mong le e mong a ya ha habo, motseng wa habo.
Jwale, haeba le itokiseditse hore ha le utlwa ho lla ha lenaka, le ha lekodilo, le ha harepa, le ha lekoope, le ha seletsa se kgwele di leshome, le ha diphala, le mmino wa mefuta yohle, le tla itihela fatshe, le kgumamele setshwantsho seo ke se entseng, e tla ba ho lokile. Empa haeba le sa se kgumamele, le tla akgelwa hanghang kahara sebopi se tukang malakabe. Ebe modimo eo ya ka le namolelang matsohong a ka ke mang?”
Sebaka seo Morena Modimo wa lona, a tla se kgetha e le moo a tla dula teng, ke ho sona le tlang ho isa tsohle tseo ke le laetseng tsona: dinyehelo tsa lona tsa setjheso, le mahlabelo a lona, le karolo e le nngwe ho tse leshome tsa motho ka mong, le dinyehelo tsa lona tse akgotswang, le dikano tsa lona tse kgethehileng, tseo le di etseditseng Morena.