Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:16 - BIBELE

16 Ka yona nako eo, Hesekiya, kgosi ya Juda, a manolla kgauta eo a neng a e manehile mamating a Tempele ya Morena, le hodima dikosene, a e romela ho kgosi ya Asiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Mohlang oo, Esekiase a manamolla kgauta e mamating a tempele ya Jehova, le e difateng tsa menyako, tseo Esekiase, morena wa Juda, a neng a di manehile, a e nea morena wa Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:16
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.


Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda.


Hesekiya a mo nea silefera yohle e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi.


Jwale kgosi ya Asiria ya romela lebotho le leholo, le tlohang Lakishe, ho ya futuhela kgosi Hesekiya, a le Jerusalema. Lebotho leo le ne le tswile le mookamedi wa balaodi, le molaodi wa mabotho, le molaodi wa ntwa. Ba nyolohela Jerusalema, ba fihla ba emisa moseleng wa letshana le kahodimo, pela mmila o yang setsheng sa Mohlatswi wa Masela.


Ka kgwedi ya pele selemong sa pele sa puso ya hae, Hesekiya a bula mamati a Tempele ya Morena, a a lokisa.


Hesekiya a thabela ditaba tsa maqosa, mme a a bontsha matlotlo a ntlo ya hae. A a bontsha silefera le kgauta le dinoko le ditlolo tsa bohlokwa, le ntlo ya hae ya dihlomo le tsohle tse ka matloleng a hae. Ha ho a ka ha eba le letho le ka tlung ya hae, le mmusong wa hae, leo Hesekiya a sa kang a a bontsha lona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ