Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:14 - BIBELE

14 Hesekiya, kgosi ya Juda, a romela molaetsa Lakishe, ho kgosi ya Asiria, a re: “Ke sitilwe; ke a o kopa: Ako kgaotse ho mphutuhela, mme ke tla ntsha lekgetho leo o le batlang.” Kgosi ya Asiria ya re ho kgosi ya Juda e ntshe lekgetho la silefera e boima ba dikilo tsa dikete tse leshome, le kgauta e boima ba dikilo tse sekete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale Esekiase, morena wa Juda, a romela ho morena wa Assiria, Lakishe, a re: Ke sitilwe; kgutla ho nna; seo o tla ntjarisa sona ke tla se jara. Morena wa Assiria a lefisa Esekiase, morena wa Juda, ditalenta tse makgolo a mararo tsa silefera, le talenta tse mashome a mararo tsa kgauta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba kgosi ya Iseraele e a araba, e re: “Jwalokaha o se o boletse, monga ka, kgosi ya ka, ke wa hao; le tsohle tseo ke nang le tsona ke tsa hao.”


Mookamedi wa lelapa la kgosi, le mmusi wa motse, le baholo ba setjhaba, le bahodisi ba bana ba Akabe, ba romela molaetsa ho Jehu, ba re: “Re bahlanka ba hao, mme re tla etsa tsohle tseo o tla re laela tsona. Ha re ka ke ra bea kgosi e nngwe; wena etsa seo o bonang se lokile.”


E ile yare hoba ba mo tsohele matla, a le Jerusalema, a balehela Lakishe. Empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela teng.


Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.


Morena a ba le Hesekiya, mme a atleha ho tsohle tseo a neng a di etsa. Yaba Hesekiya o fetohela kgosi ya Asiria, o hana ho e sebeletsa.


Ha molaodi wa ntwa a utlwela hore kgosi ya Asiria e tlohile Lakishe, yaba o a kgutla, mme a fumana kgosi e futuhetse Lebena.


Ho tshaba batho ke ho itjhehela leraba, empa ya tshepang Morena o tla bolokeha.


E ne e le ka nako eo mabotho a kgosi ya Babilona a neng a futuhetse Jerusalema le metse ya Juda e neng e setse, e leng Lakishe le Aseka, kaha hara metse e haheleditsweng ya Juda, e ne e le yona feela e sa setseng.


Ho seng jwalo, ere eo e sa le hole, e romele maqosa ho phaphatha kgotso.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ