Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 18:10 - BIBELE

10 Kamora dilemo tse tharo a e hapa. Samaria ya hapuwa ka selemo sa botshelela sa puso ya Hesekiya, e leng sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ha dilemo tse tharo di fetile, a o hapa; ka selemo sa botshelela sa Esekiase, e leng selemo sa boroba mono o le mong sa Osea, morena wa Iseraele, Samaria wa hapuwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 18:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”


Ka baka leo, Morena Modimo o re: “Sera se tla futuhela naha, se e futuhele kahohle, marako a lona a tshireletso se a heletse, matlotlo a matlo a dikwele tsa lona se a hahare.”


Kahoo ke lona ba pele ba tla thopuwa, mekete ya lona ya dijo e tla fela.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


Lefatshe le tla fetoha nanaola, le fetohe nanaola ka baka la baahi ba lona, le fetohe nanaola ka baka la diketso tsa bona.


Jaire, mora wa Manase, a futuhela metsana e moo, a e hapa, mme a e rea lebitso la Metse ya Jaire.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ