Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:4 - BIBELE

4 Kgosi ya Asiria ya hlokomela hore Hoshea o se a e fetohetse, hobane o ne a ile a romela maqosa ho So, kgosi ya Egepeta, a bile a se a sa ntshe le lekgetho jwalokaha a ne a ntse a etsa ka selemo le selemo. Ka lebaka lena, kgosi ya Asiria ya mo tshwara, ya mo kwalla tjhankaneng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Mohlomong, morena wa Assiria a fihlela phetohelo e le teng ho Osea, kamoo a rometseng manqosa kateng ho So, morena wa Egepeta, le kamoo a sa kang a nna a tlisetsa morena wa Assiria lekgetho kateng, jwalokaha a ne a entse ka selemo se seng le se seng. Yaba morena wa Assiria o mo kwalla teronkong, a mo tlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:4
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.


Jwale kgosi ya Asiria ya futuhela naha yohle, ya nto futuhela Samaria, ya etsetsa motse oo thibella ka dilemo tse tharo.


Bona mona, o tshepile Egepeta, e leng lere la lehlaka le peperaneng, le hlabang seatla sa motho ya itshetlehang ka lona. Faro, kgosi ya Egepeta, o jwalo ho bohle ba mo tshepileng.


Ha Jehoyakime a ntse a busa, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a mo futuhela, mme a mo hlola; Jehoyakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Hamorao Jehoyakime a fetohela Nebukadenesare.


Morena a halefela baahi ba Jerusalema le ba Juda, hoo a qeteletseng a ba lelekile kapele ho sefahleho sa hae. Yaba Sedekiya o fetohela kgosi ya Babilona.


Ba bolaya bara ba Sedekiya moo a ntseng a ba shebile, yena ba mo honya mahlo, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Na ha le bone hore Hesekiya o a le thetsa, hore le tle le bolawe ke tlala le lenyora, ha a ntse a re: “Morena Modimo wa rona, o tla re namolela matsohong a kgosi ya Asiria?”


Ba etsa ditshepiso tsa bosawana, ba hlapanye ka leshano, ba etse le dilekane, kahoo ho hlaha dinyewe, nyewe tse ngatangata, di ke monatja o mela hara boleme.


Morena o na le qoso e tobaneng le Juda, o tla otla Jakobo, a mo otlele boitshwaro ba hae, a mmuseletse ho ya ka diketso tsa hae.


E kae kgosi ya hao e ke e o namolele, e o sireletse metseng yohle ya hao? Babusi bohle ba metse ya hao ba kae, bona bao o ne o bue ka bona, wa re: ‘Ako mphe kgosi, o be o mphe le mahosana’?


Le hoja ba ithekisitse, ba ithekisitse ho baditjhaba, nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle. Ba tla qala ho fella dikobong, ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria.


“Wena, hammoho le kgosi ya hao, eo o tla e bea teroneng, Morena o tla o isa setjhabeng seo wena le bo-ntatao le sa kang la se tseba, mme hona teng o tla sebeletsa medimo e meng ya lehong, le ya majwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ