Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:34 - BIBELE

34 Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Le kajeno ba sa etsa ka mekgwa ya bona ya pele; ha ba tshabe Jehova, ha ba etse le ka melao yohle ya bona, leha e le ka mekgwa yohle ya bona, leha e le ka molao le ka taelo eo Jehova a e laetseng bara ba Jakobo, eo a mo reileng Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:34
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba monna eo o re: “Ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele, hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.”


Jakobo a mmotsa, a re: “Ako mpolelle lebitso la hao hle!” Empa eo a re: “O mpotsetsang lebitso la ka?” Yaba o mo hlohonolofaletsa hona moo.


A haha aletare teng, a e bitsa Modimo, Modimo wa Iseraele.


A re ho yena: “Lebitso la hao o Jakobo; feela ha o sa tla hlola o bitswa Jakobo, empa o tla bitswa Iseraele,” mme a mo rea lebitso la Iseraele.


Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.


Jwale wena o re: ‘Tsamaya o yo bolella monga hao hore Elia o teng.’


Elia a nka majwe a leshome le metso e mmedi, ho lekanya palo ya merabe ya bana ba Jakobo, eo lentswe la Morena le neng le fihle ho yena, la re: “Lebitso la hao e tla ba Iseraele.”


Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona.


Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona.


Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela; ba nna ba phela ho ya ka meetlo ya bona ya pele.


Modimo o tla utlwa, a ba kokobetse, yena eo esaleng a ituletse teroneng ya hae; hobane ha ba sokolohe, ha ba tshabe Modimo.


Motho ya lokileng o tshaba Morena, empa ya kgopo yena o nyedisa Morena.


“Mamelang sena, lona ba ntlo ya Jakobo, lona ba bitswang ka lebitso la Iseraele, lona ba tswang lelokong la Juda, lona ba ikanang ka lebitso la Morena, lona ba rapelang Modimo wa Iseraele, empa e se ka nnete kapa ka ho loka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ