Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:33 - BIBELE

33 Ba ne ba hlompha Morena, empa ba ntse ba sebeletsa medimo eo ya bona, jwalokaha ba ne ba ntse ba e sebeletsa dinaheng tseo ba tswang ho tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 Ba tshaba Jehova jwalo, ba sebeletsa le medimo ya bona ka mokgwa wa ditjhaba tseo ba neng ba tlositswe hara tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:33
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elia a fihla ho setjhaba sohle, a re ho sona: “Le tla ba bo-temepedi ho fihlela neng? Haeba Morena ke yena Modimo, mo sebeletseng; le teng haeba Baale ke yena Modimo, sebeletsang yena.” Empa setjhaba sa kgutsa tu!


Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Pelo tsa Baiseraele di tletse mano, kahoo ba fumantshwa kotlo ya bona. Modimo o tla heletsa dialetare tsa bona, a dihe difika tsa medingwana bona.


bona ba obamang ba le hodima matlo, bona ba obamang, ba kgumamela dinaledi, ba kgumamela kgwedi, ba kgumamela letsatsi, bona ba obamang, ba hlapanye ka bitso la Morena, empa ba ntse ba hlapanya le ka Milekome.


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


“Ha ho mohlanka ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ