2 Marena 17:32 - BIBELE32 Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)32 Ba tshaba Jehova jwalo, ba nna ba iketsetsa baprista ba nqalo tse diphahameng, bao ba ikgethetseng bona hara bona, ya eba bona ba ba hlabelang matlung a nqalong tse diphahameng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.