Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:26 - BIBELE

26 Ka hona ba tsebisa kgosi ya Asiria, ba re: “Ditjhaba tseo o di tlositseng moo di neng di ahile teng, mme wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo. Ka baka leo, Modimo eo o di rometse ditau; di bolaya ditjhaba tseo, hobane ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Yaba ho tsebiswa morena wa Assiria, ha thwe: Ditjhaba tseo o di faladitseng, wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng; jwale, o ba rometse ditau, mme ke tsena di a ba bolaya, kahobane ha ba tsebe mokgwa wa modimo wa lefatshe la teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:26
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona.


Yaba kgosi ya Asiria e laela, e re: “Tsamayang le e mong wa baprista bao le ileng la ba tlisa mona, a yo dula moo, mme a ba rute molao wa Modimo wa naha eo.”


Ba hlapanyang ka medingwana ya Samaria, kapa ba reng: ‘Ka modimo wa hao, ya phelang, wena Dane,’ kapa ba reng: ‘Ka modimo ya phelang, modimo wa Beeresheba,’ ba tla wa, ba sa tlohlola ba tsoha.”


Samuele a hlalosetsa setjhaba ditokelo tsa kgosi, le mesebetsi ya yona, mme tsena tsohle a di ngola bukeng, a e bea kapele ho Morena. Samuele a qhala setjhaba sohle, motho e mong le e mong a ikela ha hae.


Ka baka leo, mamela tseo se di buang. Empa o se eletse o se o tiile, e sa le pele, o se bolelle mokgwa oo kgosi e tla se busa ka wona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ