Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:25 - BIBELE

25 Ha ba ne ba qala ho fihla moo, ba ne ba sa hlomphe Morena. Ka baka leo, Morena a ba romella ditau, tsa bolaya ba bang ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha ba sa qala ho dula teng, ba ne ba sa tshabe Jehova; ebile Jehova o romela ditau hara bona, tsa bolaya ba bang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:25
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha moporofeta eo a ntse a tsamaya, a kopana le tau tseleng, mme ya mmolaya. Setopo sa hae sa rapalla kahara tsela, tonki ya ema pela sona, le tau ya ema pela sona.


Yaba o re ho yena: “Kahobane ha wa hlompha taelo ya Morena, hanghang ha o tloha ho nna mona, tau e tla o bolaya.” Yare hanghang hoba a tlohe ho eo, tau ya kgahlana le yena, mme ya mmolaya.


Ka hona ba tsebisa kgosi ya Asiria, ba re: “Ditjhaba tseo o di tlositseng moo di neng di ahile teng, mme wa di bea metseng ya Samaria, ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo. Ka baka leo, Modimo eo o di rometse ditau; di bolaya ditjhaba tseo, hobane ha di tsebe molao wa Modimo wa naha eo.”


Jwale e mong wa baprista ba neng ba thopilwe Samaria a tsamaya, a ya aha Bethele, mme a ba ruta ho hlompha Morena.


Leha batho bana ba ne ba ntse ba hlompha Morena, ba ile ba ikethela baprista mefuteng yohle ya bona, ba neng ba ba etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Le kajeno-ya-bokajeno ba sa ntse ba phela ho ya ka meetlo eo ya bona ya pele. Ha ba hlomphe Morena, mme ha ba phethe ditaelo, kapa melao eo Morena a neng a e laele bana ba Jakobo, eo a neng a mo ree lebitso la Iseraele.


Ditjhaba tsena di ne di hlompha Morena, empa tsona, le bana ba tsona, le ditloholo tsa tsona, tsa nna tsa sebeletsa le medimo ya tsona ya ditshwantsho tse betlilweng. Jwalokaha bo-ntata tsona ba ne ba etsa, le tsona di ntse di etsa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


A reteleha, a ba tadima, a ba rohaka ka lebitso la Morena. Dibere tse pedi tse tshehadi, tsa tswa morung, tsa harola ba mashome a mane a metso e mmedi ba bashanyana bao.


Metsi a Dimone a tlerefetse ke madi, ke hona ke sa tla tlisa koduwa, ke e tlisetse Dimone: Baphaphathehi ba Moabe ba tla bolawa ke tau, ba tla sala teng le bona e tla ba bolaya.


Ke mang ya ke keng a o tshaba, wena Kgosi ya ditjhaba? E hlile ho tshajwa, wena ho a o lokela. Hara banna bohle ba bahlalefi ditjhabeng, banna ba bahlalefi ba mebusong ya bona, ha ho le ya mong ya tshwanang le wena.


“Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.


Kahoo tau tsa meru di tla ba bolaya, phiri tsa lehwatata di ba harolake, mangau a solle hara metse ya bona. Bohle ba tswelang kantle ba tla tsekollwa, hobane dibe tsa bona di ngatangata, bokwenehi ba bona bo feta tekanyo.


“Ha nka romela diphoofolo tse hlaha ho feta hara naha eo, mme di bolaya batho, naha e sala e se na motho, ho se le motho ya ka fetang hara yona;


“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!


“Ke etsa taelo ya hore dinaheng tsohle tse pusong ya ka, batho ba tshabe, mme ba hlomphe Modimo wa Daniele. “Ke Modimo ya phelang, ya phelang kamehla yohle, mmuso wa hae o ke ke wa timetswa, matla a hae a ke ke a fediswa.


Ke tla le romela dibatana tse hlaha, tse tla harola bana ba lona, di fedise diphoofolo tsa lona, di fokotse palo ya lona, mme ditsela tsa lona di mele mohlwa.


Jonase a ba araba, a re: “Nna ke Moheberu; ke kgumamela Morena, Modimo wa lehodimo, ya entseng lewatle le lefatshe.”


Pakeng tsa rona le lona, lona bana ba Rubene, le lona bana ba Gade, Morena o entse hore Jorodane e be moedi. Lona ha le na kabelo ya letho ho Morena!’ Ke moo bana ba lona ba tla etsa hore bana ba rona ba se ke ba hlola ba tshaba Morena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ