Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:24 - BIBELE

24 Jwale kgosi ya Asiria ya tlisa batho ba tswang Babilona, le Kuta, le Afa, le Hamate, le Sefarafaime, ya ba bea metseng ya Samaria, moo e neng e le ha Baiseraele. Samaria ya eba ya bona, mme ba aha metseng ya yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Yaba morena wa Assiria o nka batho Babilona, le Kutha, le Avva, le Hamathe, le Sefarvaime, a ba bea metseng ya Samaria tulong tsa bana ba Iseraele; ya eba bona ba ruang Samaria, ba dulang metseng ya teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:24
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka yona nako eo, Solomone a etsa mokete, a ena le Baiseraele bohle, ba neng ba kgobokane ka bongata bo boholo, ho tloha Kgorong ya Hamate, ho ya fihla molatswaneng wa Egepeta. Mokete ona wa ketekelwa Morena ka matsatsi a supileng, le ka matsatsi a supileng hape, ya eba matsatsi a leshome le metso e mene kaofela.


Ka selemo sa borobong sa puso ya Hoshea, kgosi ya Asiria ya hapa motse wa Samaria. Ya thopa Baiseraele, ya ba isa naheng ya Asiria, ya ba bea Hala, le pela noka ya Habore, e Gosane, ya ba bea le metseng ya Bamede.


“Le se ke la mamela Hesekiya, hobane kgosi ya Asiria e bua tjena: ‘Etsang selekane le nna, le ineele, ebe le tla ho nna. Motho ka mong o tla ja morara wa hae, motho ka mong a je feiye ya hae, motho ka mong a nwe le metsi a sediba sa hae,


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime, le Hena, le Ifa? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


E kae kgosi ya Hamate, le kgosi ya Arepade, le kgosi ya motse wa Sefarafaime, le ya Hena, le ya Ifa?’ ”


Ka baka leo, Morena a romela balaodi ba mabotho a kgosi ya Asiria, ba thopa Manase, ba mo kenya kgwathatha, ba mo tlama ka mahlaahlela a lethose, ba mo isa Babilona.


Na Kalene ha e tshwane le Karakemishe? Na Hamate ha e tshwane le Arepade? Na Samaria ha e tshwane le Damaseka?


Tsatsing leo Morena o tla otlolla letsoho la hae kgetlo la bobedi, ho lopolla masalla a setjhaba sa hae a Asiria le a Egepeta, a Patarose le a Kushe, a Elame le a Shinare, a Hamate le a ahileng dihlekehlekeng.


E kae medimo ya Hamate le ya Arepade? E kae medimo ya Sefarafaime? Na e namoletse Samaria matsohong a ka?


E kae kgosi ya Hamate le kgosi ya Arepade le kgosi ya motse wa Sefarafaime le ya Hena le ya Ifa?”


“Ke nnete, Morena, dikgosi tsa Asiria di timeditse ditjhaba tsohle le dinaha tsa tsona;


“Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”


Lena ke lentswe leo Morena a ileng a le bua ka molomo wa moporofeta Jeremia, malebana le Babilona le naha ya Bakalatiya:


Jesu a roma bao ba leshome le metso e mmedi, a ba laela, a re: “Le se ke la ya dinaheng tsa bahedene, leha e le ho kena metseng ya Basamaria;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ