Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:22 - BIBELE

22 Bana ba Iseraele ba etsa dibe tsohle tseo Jeroboame a ileng a di etsa, ba se ke ba di tlohela;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bana ba Iseraele ba tsamaya dibeng tsohle tseo Jeroboame a di entseng; ba se ke ba di furalla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.


Empa Jehu a se ke a tsotella ho tsamaya ka molao wa Morena Modimo wa Iseraele, ka pelo ya hae yohle, hobane ha a a ka a tlohela dibe tsa Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe.


A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsohle tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a phela ka tsona.


A etsa bobe mahlong a Morena, a etsa dibe tse kang tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena, mme a se ke a di tlohela.


Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria.


A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Morena a arohanya Baiseraele ho ba ntlo ya Davida, yaba Baiseraele ba bea Jeroboame, mora wa Nebate, hore e be kgosi ya bona. Jeroboame a kgelosa Baiseraele hore ba se hlole ba latela Morena, mme a etsa hore ba sitelwe Morena haholo.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


Leha ho le jwalo, a nna a kgomarela sebe seo Jeroboame, mora wa Nebate, a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena ka sona.


Bana ba Dane ba hloma setshwantsho se betlilweng. Jonathane, mora wa Gereshome, setloholo sa Moshe, yena le bara ba hae ya eba baprista ba morabe wa Dane, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ho hapuwang naha ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ