Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:19 - BIBELE

19 Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Le bona Bajuda ha ba ka ba boloka ditaelo tsa Jehova, Modimo wa bona; le bona ba ya ka mekgwa eo Baiseraele ba e entseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:19
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele.


Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.


O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe.


Bao e leng masalla a setjhaba sa ka ke tla ba furalla, ke neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, ba fetohe batlatlapuwa le bathopuwa ba dira tsohle tsa bona,


Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.


Kahobane e ne e le mokgwenyana wa lelapa la Akabe, a tsamaya mehlaleng ya lelapa leo la Akabe; a etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa.


a mpa a sebeletsa Modimo wa ntatae, a boloka ditaelo tsa hae, a se ke a etsisa Baiseraele.


Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda.


O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.


“E kae jwale medimo ya lona, medimo ya maiketsetso? A e ke e tle haeba e tseba ho le pholosa nakong ena ya lona ya ditsietsi! Palo ya metse ya hao, wena Juda, e lekana le palo ya medimo ya hao.


Kaha o ile wa etsisa ngwaneno, ke tla o nea mohope wa hae letsohong, o o nwe.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Juda ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela. Ba furaletse Molao wa Morena, ha ba a boloka ditaelo tsa hae; ba kgelositswe ke medingwana bona, eo bo-ntata bona ba neng ba e sebeletsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ