Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 17:13 - BIBELE

13 Morena o ne a se a ile a lemosa Baiseraele le ba naha ya Juda ka baporofeta le ka dinohe, a re: “Furallang mekgwa ena ya lona e mebe, le boloke melao ya ka, le ditaelo tsa ka, ho ya kamoo ke neng ke laele bo-ntata lona kateng. Tsena ke ne ke di romele ho lona ka bahlanka ba ka, e leng baporofeta.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Jehova a nna a omela Iseraele le Juda ka baporofeta ba hae bohle le ka diboni tsohle, a re: Bakang metsamaong ya lona e mebe, le boloke ditaelo tsa ka le ditemoso tsa ka, ka molao wohle oo ke o laetseng bontata lona, oo ke o rometseng ho lona ka bahlanka ba ka, baporofeta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 17:13
47 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re:


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


ho fihlela Morena a ba lelekela hole le sefahleho sa hae, jwalokaha a ne a bolele ka bahlanka ba hae, e leng baporofeta. Ka mokgwa o jwalo, Baiseraele ba ntshwa naheng ya bona, ba iswa naheng ya Baasiria, moo ba ntseng ba le hona teng le kajeno-ya-bokajeno.


O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe.


Yaba Morena o bua ka bahlanka ba hae, baporofeta, o re:


Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.


haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao;


O etsa hore ba mamele kgalemelo ya hae, a ba laele hore ba furalle bokgopo.


“Mamelang, lona setjhaba sa ka, mme ke tla bua; wena Iseraele, ke tla o qosa. Ke nna Modimo, Modimo wa hao.


Ho tloha mohla ke neng ke ntsha bo-ntata lona naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, haesale ke ba eletsa, ke re: “Ikokobeletseng nna!”


“Ka baka leo, tsamaya, o yo bua le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, o re: ‘Morena o bua tjena: Bonang mona! Ke ntse ke le ralla bobe, ke lokisa morero wa ho le otla. Motho ka mong a kgelohe tsela ya hae e kgopo, a tsamaye tseleng e lokileng, diketso tsa hae di be ntle.’


“Ho qala ka selemo sa leshome le metso e meraro sa puso ya Josiya, mora wa Amona, kgosi ya Juda, ho fihlela kajeno, ke dilemo tse mashome a mabedi a metso e meraro lentswe la Morena le ntse le mphihlela. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mamela letho.


Yare hoba a etse tsena tsohle ka re: ‘O tla kgutlela ho nna!’ Empa ha a a ka a kgutla. Jwale kgaitsedi ya hae Juda, ya hlokang botshepehi, le yena a bona tsena.


‘Ha dilemo tse supileng di fetile, motho ka mong o lokela ho lokolla ngwanabo wa Moheberu, eo a mo rekiseditsweng. O tlo mo lokolle ha a o sebeleditse ka dilemo tse tsheletseng,’ empa bo-ntata lona moholo ha ba a ka ba mmamela, leha e le hona ho sekeha ditsebe tsa bona.


Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela.


“Malebana le lona Morena o itse: ‘Lona masalla a Juda le se ke la ya Egepeta.’ Tsebang hore ka letsatsi lena ke le kgalemetse,


Furallang ditshito tsa lona tsohle tseo le sitilweng ka tsona, le be le pelo e ntjha le moya o motjha. Ke hobaneng ha le rata ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, kapa tseleng tsa hae tse kgopo, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.


Ha re a ka ra mamela lentswe la Morena Modimo wa rona, ra tsamaya ka melao ya hae, eo a re beetseng yona ka bahlanka ba hae, baporofeta.


Ha ke ntse ke pheeletse ho ba bitsa kgafetsa, ba nna ba suthella thoko ho nna; ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo, ba tjhesetsa medingwana mokubetso.


Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”


Na bokgopo bo teng Gileade? Batho ba teng ke mafeelafeelane! Ba etsa mahlabelo ka dipohwana, ba a etse Gilegale, dialetare tsa bona di tla heletswa, di ke mekolokotwane hara masimo.


Wena Iseraele, kgutlela ho Morena, Morena Modimo wa hao, hobane o wele ka baka la bokgopo ba hao.


“Wena Iseraele, leha o iphetotse letekatse, Juda a se ke a ba molato jwaloka wena, Gilegale teng le se ke be la hata, le Bete-Afene le se nyolohele teng, kapa la hlapanya ka Modimo ya phelang!


ke ntse ke qophella Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo le ho dumela ho Morena wa rona Jesu.


Etlare ha bomadimabe bo tshabehang, le ditsietsi tse ngata di ba wetse hodimo, ebe sefela sena e ba paki e ba tswang, hobane ditloholo tsa bona di tla be di sa lebala ho se bina. Ke se ke ntse ke tseba mehopolo eo ba e hopolang kajeno, le pele ke ba fihlisa naheng eo ke neng ke e hlapanyetse bo-ntata bona.”


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


“Haeba le ka lebala Morena Modimo wa lona, la latela medimo e meng, la e sebeletsa, la e kgumamela, kajeno ke a le tiisetsa hore ruri le tla timela.


Haeba le roba selekane sa Morena Modimo wa lona, seo a le laetseng sona, eba le a tsamaya le ilo sebeletsa medimo e meng, le a e kgumamela, bohale ba Morena bo tla le tlokomela, mme le tla timela ka ho panya ha ntshi naheng ena e ntle, eo a le neileng yona.”


Morena ha a diehe ho phethahatsa ditshepiso tsa hae, jwalokaha ba bang ba lekanya hore o a dieha. Empa o a le mamella, hobane ha a rate ha ho ka timela leha a le mong, empa o rata hore bohle ba bake.


Ka re ho lona: ‘Ke nna Morena Modimo wa lona; le se ke la tshaba medimo ya Baamore bao le ahileng naheng ya bona.’ Empa ha le a ka la mmamela.”


Morena a romela moporofeta ho bana ba Iseraele. Moporofeta eo a re ho bona: “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Ke le nyolotse Egepeta; ke le ntshitse moo le neng le le makgoba teng.


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ