2 Marena 17:11 - BIBELE11 Ba tjhesetsa mokubetso hona teng, jwalokaha ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bona di ne di etsa. Ba etsa dintho tse mpe, mme ba halefisa Morena. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)11 Ba nna ba tjhesa dibano nqalong tsohle tse diphahameng, jwalokaha ho ne ho entse ditjhaba tseo Jehova a di tlositseng pela bona, ba nna ba sebetsa ntho tse mpe ho halefisa Jehova ka tsona; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ruri re tla etsa dintho tsohle tseo re hlapantseng hore re tla di etsa, e leng ho tjhesetsa Mofumahadi wa Lehodimo mokubetso, ho mo etsetsa nyehelo ya dino, jwalokaha rona le bo-ntata rona, le dikgosi tsa rona, le mahosana a rona, re ile ra etsa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema. Ka nako eno kgora e ne e le ngata, re iketla, re sa tshwenngwe ke letho.