Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:4 - BIBELE

4 Hape a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le tse hodima dithaba, le tse katlasa difate tsohle tse talana, mme a tjhesetsa mokubetso hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa dibano nqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:4
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.


Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo;


feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.


Ba mo phephetsa ka ho ikahela dibaka tsa borapedi, ba mmakela lefufa ka medimo ya bona, medimo ya bona ya bohata.


Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala.


“Ba ikgalaletsang, ba itlhwekisang, ba itlhwekisetsa ho kgumamela medingwana, ho e kgumamela masimong, ba emeng kamora sefate se bohareng ba tshimo, ba jang nama ya dikolobe le ya ditweba, le tse manyala, bana ba tla timetswa kaofela,” ho rialo Morena.


Le bana ba bona ba ntse ba hopola, ba hopola dialetare tsa bona, aletare tsa Ashera, tse tlasa fate tse talana tse hodima maralla.


Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.


Ke hona le tla tseba hore ke nna Morena, ha ditopo tsa babolauwa ba bona di rapaletse hara medingwana ya bona ya bohata, ho potapota dialetare tsa bona tse hodima maralla wohle a phahameng, le hodima ditlhoro tsa dithaba tsohle, le katlasa difate tsohle tse talana, le katlasa difate tsohle tse teng tsa eike, e leng dibaka tseo ho tsona ba neng ba tjhesetsa mokubetso o nkgang hamonate, ba o tjhesetsa medingwana ya bona ya bohata.


Le fedise dibaka tsohle moo ditjhaba tseo le tlang ho di falatsa di neng di sebeletsa medimo ya tsona teng, tse hodima dithaba, le tse hodima maralla, le tse katlasa difate tsohle tse talana.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ