Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:3 - BIBELE

3 O ile a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele. Ka ho etsa nyehelo ya setjheso ka mora wa hae, a etsa manyala a kang a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho bana ba Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:3
32 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng eo yohle ho ne ho ena le banna ba neng ba kgethetswe ho etsetsa bohlola ka dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Ba etsa manyala wohle a neng a etswa ke ditjhaba tseo Morena a ileng a di leleka kapele ho bana ba Iseraele.


Ba furalla melao yohle ya Morena Modimo wa bona: Ba ipopela ditshwantsho tse pedi tsa manamane, ba iketsetsa setshwantsho sa Ashera; ba kgumamela letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ba sebeletsa Baale.


Ba etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba bona le ka baradi ba bona; ba sebedisa bonohe le boloi, ba etsa bokgopo mahlong a Morena, hore ba mo halefise.


Le bona Bajuda ha ba a ka ba boloka melao ya Morena Modimo wa bona, hobane ba ile ba etsa tseo Baiseraele ba neng ba ile ba di etsa.


Hape sa latela meetlo ya ditjhaba tseo Morena a neng a di leleke kapele ho sona, le meetlo e qapilweng ke dikgosi tsa Iseraele.


“Manase, kgosi ya Juda, o entse manyala ana, o bile o entse le bokgopo bo fetang ba Baamore, ba bileng teng pele ho yena, mme o entse hore ba morabe wa Juda ba etse sebe ka ho rapela medingwana ena ya hae ya ditshwantsho.


A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka mora wa hae, a sebedisa boloi, le bonohe, mme a sebedisana le mathuela, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


Empa ha ba a ka ba mamela; Manase a ba kgelosa, mme ba etsa bobe bo fetang le ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


A silafatsa Tofete e ka kgohlong ya bana ba Hinome, e le hore ho se be motho ya ka etsetsang Moloke sehlabelo sa setjheso ka mora kapa ka moradi wa hae.


Kahobane mosadi wa hae e ne e le moradi wa Akabe, a tsamaya mehlaleng ya dikgosi tsohle tsa Iseraele, jwalokaha ba lelapa la Akabe ba ne ba ile ba etsa, mme a etsa bobe mahlong a Morena.


Le yena a tsamaya mehlaleng ya lelapa la Akabe, hobane mmae o ne a mo kgothaletsa ho etsa bokgopo.


A etsa bobe mahlong a Morena, a latela manyala a baditjhaba bao Morena a neng a ba leleke kapele ho bana ba Iseraele.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


ba mpa ba nyallana le baditjhaba, ba ithuta mekgwa ya bona.


Le sebeletsa medimo ya bohata ka ho etsa bohlola, le bo etsa le le tlasa difate tse talana, ka dikgohlong le ka mahaheng le etsa mahlabelo a setjheso ka bana ba lona.


Hape ba ile ba hahela Baale dibaka tsa borapedi ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, moo ba tla etsetsa Moloke sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba bona, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa hona ho e nahana, ya ho etsa manyala ana, hore Bajuda ba etse sebe.”


hoo o bileng wa bolaya bana ba ka, mme ka bona wa etsetsa medingwana eo setjheso?


Empa wena ha o a ka wa tsamaya mehlaleng ya bona, leha e le ho etsa diketso tsa bona tse manyala; feela e ne eka ke ntho e nyenyane ho wena ha mekgwa ya hao yohle e bodile ho feta ya bona.


Ka ba tlohela ba itshilafatsa ka dimpho tsa bona, ba etsa sehlabelo sa setjheso ka matsibolo a bona, e le hore ba tle ba tshabe, mme ba tsebe hore ke nna Morena.’


Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.


“ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Motho e mong le e mong wa bana ba Iseraele, kapa wa baditjhaba ba jakileng naheng ya Iseraele, ya neelanang ka bana ba hae ho Moloke, ruri o tla bolawa. Setjhaba sa naha eo se tla mo tlepetsa ka majwe.


Na Morena o tla kgahlwa ke kete tsa dipheleu, a kgahlwe ke nyehelo ya ole e ngatangata? Na ke tla nyehela ka ngwanaka wa matsibolo, ke nyehele ka yena ka baka la tshito tsa ka, ke nyehele ka ngwanaka wa matswathaka, ke nyehele ka yena ka baka la sebe sa ka?


Le se ke la etsa jwalo ho Morena Modimo wa lona. Manyala wohle ao Morena a a hloileng, ditjhaba tsena di a etseditse medimo ya tsona, tsa ba tsa e etsetsa sehlabelo sa setjheso ka bara le baradi ba tsona.


Hara lona ho se fumanwe le ya mong ya fetisang mora wa hae kapa moradi wa hae hara mollo, ya sebedisang bohohe; eo e leng molepi wa dinako, kapa senohe, kapa moloi,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ