Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:2 - BIBELE

2 Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng a le Jerusalema. Ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Akase o ne a le dilemo tse mashome a mabedi, ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema. Empa ha a ka a etsa ho lokileng mahlong a Jehova, Modimo wa hae, jwaloka Davida ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:2
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abiya a etsa dibe tsohle tseo ntatae a ileng a di etsa. A se ke a tshepahala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha ntataemoholo Davida, yena a ne a tshepahala.


Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”


“Haeba le wena o ka ntshebeletsa ka botshepehi le ka ho loka jwaloka Davida, ntatao, wa etsa tsohle tseo ke o laetseng tsona, mme wa boloka ditaelo tsa ka le dikahlolo tsa ka,


Amasiya a kgahlisa Morena, feela e seng jwaloka Davida, ntataemoholo. A tsamaya mehlaleng ya Jowashe, ntatae;


Asariya a kgahlisa Morena, jwalokaha Amasiya, ntatae, a ne a ile a etsa.


Jotame a kgahlisa Morena, a etsa jwalokaha Usiya, ntatae, a ile a etsa.


Hesekiya, mora wa Akase, kgosi ya Juda, o ne a qale ho busa ka selemo sa boraro sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele.


Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Morena a ba le Jehoshafate, hobane a ne a ile a tsamaya mehlaleng ya pele ya Davida, ntatae-moholo, a se ke a sebeletsa bo-Baale,


Hesekiya a kgahlisa Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ