Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:18 - BIBELE

18 Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Le mathule a kwahetsweng a Sabatha a hahilweng ka tlung, le monyako wa morena o kantle, a di fetola ka tlung ya Jehova, ka baka la morena wa Assiria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:18
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


Yaba o a ba laela, o re: “Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, se tla lebela le ntlo ya kgosi.


Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.


Diketso tse ding tsa Akase di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.


Ke kgosana feela e tla dula kahare ho yona, e jele dijo tsa yona pontsheng ya Morena. E tla kena ka tsela ya lethule la kgoro, e be e tswe ka yona.”


Kgosana e busang e tla kena ka lethule le kantle la kgoro eo, ebe e ema pela ditshiya tsa kgoro. Baprista ba tla e etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya teboho. Kgosana e tla kgumama lethuleng la kgoro, e nto tswa, empa kgoro ha e ka ke ya kwalwa ho fihlela mantsiboya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ