Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:16 - BIBELE

16 Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Moprista Uria a etsa ka tsohle tseo morena Akase a mo laetseng tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:16
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Moprista Uriya a haha aletare eo ho ya ka diqaqiso tsohle tseo kgosi Akase a ileng a di romela a le Damaseka. Yaba o haha aletare eo kgosi Akase a eso kgutle Damaseka.


Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”


Kgosi Akase a qhaqholla dikariki tsa lethose tse neng di le ka Tempeleng, a tlosa dikotlolo tse hodima tsona. A tlosa tanka eo baprista ba tollang, ka ho yona e hodima mekokotlo ya dipholo tsa lethose, a e bea lebaleng la majwe.


A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema.”


A haha le dialetare ka Tempeleng ya Morena, eo Morena a neng a bue ka yona, a re: “Ke tla kgumamellwa Jerusalema kamehla yohle.”


Yaba ke bitsa dipaki tse tshepahalang, e leng moprista Uriya le Sekariya, mora wa Jerebekiya, ho tla mpakela.


“Dipolelo tsa moprista di tshwanela hore e be tse nang le tsebo, e le hore batho ba tle ba ithute ka tsona, hobane moprista ke leqosa la Morena wa mabotho.


Empa Petrose le Johanne ba ba araba, ba re: “Ahlolang e le lona hore na ho nepahetse mahlong a Modimo ho mamela lona, ho ena le ho mamela Modimo.


Yaba Petrose le baapostola ba a araba, ba re: “Eka kgona ho mamelwe Modimo ho ena le batho.


empa re bua jwalokaha Modimo a rata, yena ya re amohetseng, a re nea molaetsa o molemo. Ha re lakatse ho kgahlisa batho, re lakatsa ho kgahlisa Modimo ya hlahlobang dipelo tsa rona.


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ