Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 16:15 - BIBELE

15 Jwale kgosi Akase a laela moprista Uriya, a re: “Hodima aletare e kgolo o tjhesetse nyehelo ya setjheso ya hoseng, le nyehelo ya kgosi ya dijo, mmoho le nyehelo ya setjheso ya setjhaba sohle sa naha eo, le nyehelo ya sona ya dijo, le nyehelo ya sona ya dino. Hodima yona o foke ka madi wohle a tse hlabetsweng nyehelo ya setjheso, le ka madi wohle a tse hlabetsweng ho etsa sehlabelo. Aletare ya lethose yona, ke eo ke tla botsa Morena ke le ho yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Yaba morena Akase o laela moprista Uria, a re: Tjhesa setjheso sa hosasa aletareng e kgolo le nyehelo ya mantsiboya, le setjheso sa morena le nyehelo ya hae, le setjheso sa setjhaba sohle sa lefatshe, le nyehelo ya sona, le ditshelo tsa sona; o e fafatse ka madi a ditjheso le ka madi wohle a mahlabelo. Haele aletare ya koporo, ke tla e hopolela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 16:15
25 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na ha le na senwelo seo monga ka a nwelang ho sona; a bileng a laolang ka sona? Le entse bobe ka ho etsa jwalo!’ ”


Kgosi ya ya Gibeone ho ya etsetsa mahlabelo teng, hobane sebaka seo e ne e le sa borapedi se tumileng. Solomone a etsetsa dinyehelo tsa setjheso tse sekete hodima aletare e hona teng.


Jwale Hirame a etsa tanka e tjhitja ka lethose le qhibidisitsweng. Botebo ba yona e ne e le dimethara tse ka bang pedi le halofo, bolelele ba boahlamo ba yona e le dimethara tse nne le halofo, bolelele ba ho e potapota e le dimethara tse ka bang leshome le metso e meraro le halofo.


Ka lona letsatsi leo, kgosi ya halaletsa le bohare ba seotlwana se kapele ho ntlo ya Morena. Solomone a etsetsa nyehelo ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya mafura ya teboho hona moo, hobane aletare ya lethose, e kapele ho Morena, e ne e le nyenyane hoo e neng e ke ke ya lekana dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dijo, le dinyehelo tsa mafura tsa teboho.


Kgosi Akase a tlosa aletare ya Morena, e entsweng ka lethose, e neng e le kapele ho Tempele, pakeng tsa aletare e ntjha le Tempele ya Morena, a e bea ka leboya ho aletare e ntjha.


Moprista Uriya a etsa tsohle, ho ya ka taelo ya kgosi Akase.


A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.


Ka la hosasane, ka nako ya ha ho etswa nyehelo ya dijo, ba bona metsi a hlaha, a etswa nqa Edomo, mme naha ya tlala metsi.


Palo ya dinyehelo tsa setjheso tseo setjhaba se ileng sa di tlisa e ne e le mashome a supileng a dipohwana, le dipheleu tsa lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi. Tsena tsohle e ne e le tsa ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


Le diphoofolo tsa dinyehelo tsa setjheso di ne di le ngata, le mafura a dinyehelo tsa teboho. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya setjheso e ne e tsamaya le nyehelo ya dino. Yaba mosebetsi wa Tempele ya Morena o busetswa madulong.


A etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba hae, ka kgohlong ya mora wa Hinome. A loya, a noha, a sebedisa baloi, le ba buang le bafu, le dinohe. A etsa bobe bo boholo mahlong a Morena, a mo halefisa.


Morena, o lahlile tjhaba sa hao, e leng ntlo ya Jakobo, se tletse tumelo tse tswang Botjhabela, e bile ke dinohe jwaloka Bafilesita, se kgomaretse meetlo ya baditjhaba.


“Bahlabani ba kgosi ya Siria ba tla silafatsa Tempele, ba fedise sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, mme kahara Tempele eo ba bee Manyala a Tshenyeho.


“Ho tloha mohla ho fediswang sehlabelo sa letsatsi le letsatsi, ho bewa Manyala a Tshenyeho, e tla ba matsatsi a sekete le makgolo a mabedi le mashome a robong.


Ha ke ntse ke rapela jwalo, Gabariele, monna eo ke neng ke mmone ponong ya ka ya pele, a tla ho nna ka nako ya sehlabelo sa mantsiboya, a potlakile.


Kgosana e tla etsa selekane, e se etse le ba bangata, selekane seo e be sa dilemo di supile; bohareng ba nako ena ya selekane, e tla fedisa mahlabelo, e fedise le dinyehelo. Kgosana ena e bakileng nanaola e tla bea Manyala hodima tlhoro ya Tempele, ho fihlela pheletso e rerilweng ke Modimo e fihla, e wela hodima ya beileng Manyala, a a bea hodima tlhoro.”


Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ