Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:8 - BIBELE

8 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng meno e mmedi sa Asaria, morena wa Juda, Sakaria, mora Jeroboame, a qala ho busa Iseraele a le Samaria, a busa ka kgwedi tse tsheletseng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”


Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Jeroboame a shwa, a epelwa le dikgosi tsa Iseraele, Sakariya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Shalome, mora wa Jabeshe, a qala ho busa ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa pusa ya Usiya, kgosi ya Juda. A busa kgwedi, a le Samaria.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.


Ka selemo sa mashome a mahlano sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Pekahiya, mora wa Menaheme, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse pedi.


Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Tjhaba ha se le kgopo se hlahlamanya babusi, empa toka e hlaha ka ya nang le bohlale le tsebo.


Jwale Morena a re ho Hosea: “Mo ree lebitso la Jesereele, hoba haufinyane ntlo ya Jehu ke tla e otla, ke e otle, ke phetetse madi a Jesereele, bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.


“Dibaka tsa borapedi tsa Isaka, di tla heletswa, le dihalalelo tsa Iseraele di fetolwe masupi; ke tla futuhela ntlo ya Jeroboame, ke e futuhele ka sabole ya ka.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ