Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:38 - BIBELE

38 Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Jothame yena a orohela ho bontatae, a patwa ho bontatae, motseng wa ntatae Davida; mme Akase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:38
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Ka baka leo, bahlanka ba hae ba re ho yena: “Monga rona, kgosi ya rona, e seng o batlelwe morwetsana ya tla o sebeletsa, a o hlokomele, a robale le wena, o tle o futhumale?”


Jeroboame o ile a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi, a nto shwa. Nadabe, mora wa hae, a mo hlahlama.


Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Mehleng eo, Morena a etsa hore Resine, kgosi ya Arame, le Peka, mora wa Remaleya, ba futuhele naha ya Juda.


Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekiya, Hesekiya a tswala Manase,


Jotame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akase, mora wa hae, a mo hlahlama.


Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Empa ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.


Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ