2 Marena 15:35 - BIBELE35 Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)35 Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng. A haha monyako wa ntlo ya Jehova o ka nqa hodimo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.