Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:30 - BIBELE

30 Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Yaba Osea, mora Ela, o fetohela Peka, mora Remalia, a mo hlaba, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae, e le ka selemo sa mashome a mabedi sa Jothame, mora Osiase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:30
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.


Peka, mora wa Remaleya, molaodi wa mabotho a hae, a ena le Aregobe le Are, le banna ba mashome a mahlano ba Bagileade, a mo rera, mme a mmolaela Samaria ka qhobosheaneng e kahare ho ntlo ya kgosi. Peka a mo hlahlama.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Diketso tse ding tsa Peka, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, Akase, mora wa Jotame, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi Akase e le kgosi ya Juda, Hosea, mora wa Ela, a qala ho busa setjhaba sa Iseraele, a le Samaria. O ile a busa ka dilemo tse robong.


Ka yona nako eo, kgosi Akase a romela molaetsa ho dikgosi tsa Asiria, hore di tlo mo thusa.


Empa etlare moshanyana a eso tsebe ho kgesa bobe, le ho ikgethela ho lokileng, naha ya dikgosi tsena tse pedi, tseo o di tshabang, e tla fetoha nanaola.


“Kaha tjhaba sena se se se nyatsitse metsi a Shilowa a phallang a kgutsitse, se thabela Resine le mora Remaleya,


Le wena Bethele, ho tla ba tjena ho wena, ka baka la bokgopo bo boholo ba hao. Ha mafube a meso a hlaha ka botjhabela, kgosi ya Iseraele e tla ripitlelwa ruri!”


Jwale ba tla re: “Rona ha re na kgosi, hobane ha re a ka ra tshaba Morena. Esita leha re ne re ena le kgosi, kgosi eo e ne e tla re thusa ka eng?”


Samaria le kgosi ya yona di tla hoholwa, di hoholwe sa mahohodi hodima metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ