Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:20 - BIBELE

20 Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:20
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Barasilai o ne a se a tsofetse haholo, a ena le dilemo tse mashome a robedi. Ha kgosi e ntse e le Mahanaime, Barasilai o ne a e fepa, hobane o ne a ruile haholo.


Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


Diketso tse ding tsa Menaheme, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Mehleng ya Peka, kgosi ya Iseraele, Tigelate-Pilesere, kgosi ya Asiria, a futuha, mme a thopa batho ba Ione, le ba Abele-Bete-Maaka, le ba Janowa, le ba Kedeshe, le ba Hasore, le ba Gileade, le ba Galelea, le ba naha yohle ya Nafthali, a ba isa Asiria.


Jehoyakime a thella Faro ka silefera le ka kgauta, mme a kgethisa setjhaba ho ya kamoo Faro a neng a laetse hore se ntshe lekgetho kateng. A pepeta setjhaba sa naha eo silefera le kgauta, ho ya kamoo motho ka mong a lekanyeditsweng kateng, hore e tle e newe Faro Neko.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ