Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:18 - BIBELE

18 A etsa bobe mahlong a Morena. Ka nako yohle ya bophelo ba hae, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a se ke a furalla ka tshiu tsohle tsa hae dibe tsohle tsa Jeroboame, mora Nebathe, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


Leha ho le jwalo, dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba etse sebe, tsona ha a a ka a di tlohela, a nna a kgumamela namane ya kgauta e neng e le Bethele, le e neng e le Dane.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.


Pule, kgosi ya Asiria, a futuhela naha ya Iseraele. Menaheme a thella Pule ka silefera e boima ba dikilo tse dikete tse mashome a mararo a metso e mene hore Pule a tle a mo thuse, a mo tsitsise bokgosing.


Pekahiya a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


A etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


A etsa bobe mahlong a Morena, jwalokaha bo-ntatae ba nnile ba etsa; a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


A etsa bobe mahlong a Morena, empa e seng jwaloka dikgosi tsa Iseraele tse bileng teng pele ho yena.


Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


Leha ho le jwalo, a nna a kgomarela sebe seo Jeroboame, mora wa Nebate, a neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena ka sona.


Ha kgosi e thahasella toka, puso e a tsitsa, kgosi e kgethisang setjhaba haboima e futsanehisa naha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ