Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:17 - BIBELE

17 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robileng mono o le mong sa Asaria, morena wa Juda, Menaheme, mora Gadi, a qala ho busa Iseraele, a busa ka dilemo tse leshome Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:17
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso.


A etsa bobe mahlong a Morena. Ka nako yohle ya bophelo ba hae, a se ke a tlohela dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, Jotame, mora wa Usiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Sakariya, mora wa Jeroboame, a qala ho busa Iseraele, a le Samaria. A busa ka dikgwedi tse tsheletseng.


Ba ipeetse kgosi ba sa ka ba ntherisa; ba bea mahosana nna ke sa ka ka tseba. Ka silefera le ka kgauta ya bona ba iketseditse medingwana ya bona, kahoo Baiseraele ba tla timela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ