Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 15:14 - BIBELE

14 Menaheme, mora wa Gadi, o ne a ile a tloha Tiresa, a ya Samaria, moo a ileng a fihla a hlaba Shalome, mora wa Jabeshe, a mmolaya, mme a ikgapela puso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Yaba Menaheme, mora Gadi, o tloha Thirtsa, a tla Samaria, a hlaba Shallume, mora Jabeshe, Samaria, a mmolaya, mme ya eba yena morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 15:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba mosadi wa Jeroboame o a ema, o a tsamaya, o fihla Tiresa. Ha a qala a fihla mathuleng a ntlo, ke ha ngwana a eshwa.


Eitse ha Basha a utlwela taba ena, a kgaotsa ho haheletsa motse wa Rama, a ya aha Tiresa.


Ka selemo sa boraro Asa e le kgosi ya Juda, Basha, mora wa Ahiya, a qala ho busa Baiseraele bohle, a le Tiresa, mme a busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mene.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Simeri a busa ka matsatsi a supileng, a le Tiresa. Bahlabani ba ne ba etseditse motse wa Gibetone, o naheng ya Bafilesita, thibella.


Yaba Omeri o tloha Gibetone, o nyolohela Tiresa a ena le Baiseraele bohle, mme ba etsetsa Tiresa thibella.


Shalome, mora wa Jabeshe, a mo rera, a mo hlaba pontsheng ya batho, a mmolaya, mme a ikgapela puso.


Diketso tse ding tsa Shalome, le bohlabaphiyo boo a ileng a bo etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robong sa puso ya Asariya, kgosi ya Juda, Menaheme, mora wa Gadi, a qala ho busa Iseraele. A e busa ka dilemo tse leshome, a le Samaria.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ