Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:7 - BIBELE

7 Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 A bolaya Baedomo ba dikete tse leshome, Thoteng ya Letswai; a nka Sela ka ntwa, a o rea lebitso la Joktheele (o hapilweng ke Jehova); le kajeno ke lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:7
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.


A hloma diahelo tsa mabotho naheng yohle ya Edomo, mme baahi bohle ba Edomo ya eba bahlanka ba hae. Morena a thusa Davida hohle moo a yang teng.


O fela o hlotse Baedomo, jwale o se o le makokonyana! Thabela hona, o itulele ha hao. O ratelang ho ikenya tsitsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”


Abishai, mora wa Seruya, le yena a bolaya Baedomo ba dikete tse leshome le metso e robedi, a ba bolaela ka Kgohlong ya Letswai.


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Thellang mmusi wa naha ka ho romela dikonyana, di romelwe di etswa Sela, mose wane ho lehwatata, di romelwe thabeng ya moradi wa Sione.


Boikakaso ba hao bo u thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang ka mafarung a mafika, wena ya ahileng maralleng a phahameng. Le hoja o ahile hodimo jwaloka ntsu, ke tla o theolela tlase,” ho rialo Morena.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: ‘Ke mang ya ka ntheolelang tlase?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ