2 Marena 14:6 - BIBELE6 Empa a se ke a bolaya bana ba babolai bao, ho ya ka Molao o ngotsweng Bukeng ya Moshe, moo Morena a laetseng, a re: “Bo-ntata ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ha ba ka ke ba bolawa ka baka la bo-ntata bona, empa motho ka mong o tla bolaelwa sebe sa hae.” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Empa bana ba babolai ha a ka a ba bolaya, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya molao wa Moshe, moo Jehova a laetseng, a re: Bontata bana ba se ke ba bolawa ka baka la bana ba bona, le bana ba se ke ba bolawa ka baka la bontata bona; e mong le e mong a bolaelwe sebe seo e leng sa hae. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |