Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:26 - BIBELE

26 Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Hobane Jehova o ne a bone matshwenyeho a Iseraele hobane a bohloko haholo, le kamoo ba ruilweng le ba sa ruwang ba neng ba le tsietsing kateng, ho se mothusi Iseraeleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:26
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“ ‘Ka baka leo, ntlo ya Jeroboame ke tla e dihela koduwa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Jeroboame; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng. Ke tla timetsa masalla a lelapa la Jeroboame, jwalokaha motho a besa kgapane, e ba e re lore!


Ke tla o dihela koduwa, ke fedise ditloholo tsa hao. Ke tla bolaya ba batona bohle ba lelapa la Akabe, naheng ya Iseraele; e ka ba makgoba kapa ba lokolohileng.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Yaba Jehowakase o rapela Morena, mme Morena a mo utlwa, kaha a ne a bona kamoo Baiseraele ba neng ba hateletswe kateng, hobane kgosi ya Arame e ne e ba hateletse.


Lelapa lohle la Akabe le tla timetswa. Ke tla bolaya bohle ba batona ba lelapa la Akabe, ba ntseng ba phela naheng ya Iseraele, ebang ke makgoba kapa hase makgoba.


A ba kokobetsa ka mesebetsi e boima, ba kgothometseha, ho se ya ka ba thusang.


ke abetswe wena ho tloha tswalong ya ka, o bile Modimo wa ka ke sa le popelong ya mme.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Bona, sello sa bana ba Iseraele se fihlile ho nna; le nna ke bone kgatello ya bona, eo Baegepeta ba ba hateletseng ka yona.


matshwenyeho wohle a bona le yena a mo tshwenya. Hase lengeloi le ba pholositseng, ba pholositswe ke Morena ka seqo, ka lerato le ka mohau wa hae a ba lopolla; ho tloha kgale a ba nka, a ba a ba jara.


“Ke ile ka batla motho hara bona ya neng a ka tsosa lerako, a ema kapele ho nna dikgeong tsa lona ho sireletsa naha ena hore ke se ke ka e timetsa, empa ha ke a ka ka fumana le ya mong.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Yaba ba lahla medimo e meng, ba sebeletsa Morena. Morena a hauhela Baiseraele ka baka la bosoto ba bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ