Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:23 - BIBELE

23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa Amatsia, mora Joase, morena wa Juda, Jeroboame, mora Joase, morena wa Iseraele, a qala ho busa Samaria, a busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:23
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Morena a re ho Jehu: “Kahobane a entse hantle ha o phethahatsa tseo mahlong a ka di lokileng, mme lelapa la Akabe o le entse tsohle tseo ke neng ke di rata, bana ba hao ba tla dula teroneng ya Iseraele ho isa molokong wa bone.”


Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele, Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Jehowashe a shwa, mme a epelwa Samaria le dikgosi tsa Iseraele. Jeroboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ke yena ya ileng a haheletsa Elate, a ba a e kgutlisetsa Juda. Kamorao ho moo, kgosi ya eshwa.


Jeroboame a etsa bobe mahlong a Morena, a se ke a tlohela le se seng sa dibe tsa Jeroboame, mora wa Nebate, ya ileng a etsa hore Baiseraele ba sitelwe Morena.


Morena o ne a sa ka a re o tla hlakola lebitso la Iseraele lefatsheng; ka hona a ba pholosa ka Jeroboame, mora wa Jehowashe.


Ka selemo sa mashome a mabedi a metso e supileng sa puso ya Jeroboame, kgosi ya Iseraele, Asariya, mora wa Amasiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Tsena tsohle di ile tsa ngolwa lenaneng la ditaba tsa bona mehleng ya ha Jotame e le kgosi ya Juda, Jeroboame yena e le kgosi ya Iseraele.


Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.


Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ