Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 14:20 - BIBELE

20 Ba bofa setopo sa hae pereng, ba mo epela le bo-ntatae, Jerusalema, Motseng wa Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 A ntoo bofsjwa dipereng, a iswa Jerusalema, a patwa ho bontatae, motseng wa Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 14:20
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


A bolawa ke bahlanka ba hae, bo-Josakara, mora wa Shimate, le Jehosabada, mora wa Shomere, mme a shwa. A epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida, mme Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


E ile yare hoba ba mo tsohele matla, a le Jerusalema, a balehela Lakishe. Empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela teng.


Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ya ntwa, ba mo isa Jerusalema, ba mo epela lebitleng la hae, ho bo-ntatae, Motseng wa Davida.


Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ