2 Marena 13:6 - BIBELE6 Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba tlohela dibe tsa ntlo ya Jeroboame, ya neng a etse hore Baiseraele ba sitelwe Morena. Ba etsa dibe tseo; le setshwantsho sa Ashera sa se ke sa tloswa Samaria. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Empa leha ho le jwalo, ha ba ka ba furalla dibe tsa ntlo ya Jeroboame, tseo a sebisitseng Iseraele ka tsona, ba mpa ba itsamaela ka tsona; esita le setshwantsho sa Ashtarothe sa sala Samaria. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.