Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:25 - BIBELE

25 Jehowashe, mora wa Jehowakase, a amoha Bene-Hadade, mora wa Hasaele, metse eo a neng a e hape ho Jehowakase, ntata Jehowashe. Jehowashe a hlola Bene-Hadade ka makgetlo a mararo, mme a hapa metse eo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Joase yena, mora Joakase, a boela a hapa matsohong a Ben-Hadade, mora Hasaele, metse e beng e hapilwe ke yena matsohong a ntatae ka ntwa. Joase a mo hlola hararo, a boela a rua metse eo ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:25
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba qeta matsatsi a supileng ba hlomme, ba tjamelane. Ka letsatsi la bosupa ntwa ya kopana, mme ka lona tsatsi leo bana ba Iseraele ba bolaya bahlabani ba ditaaso ba Baarame, ba dikete tse lekgolo.


Mehleng yona eo, Morena a qala ho ngotla naha ya Baiseraele. Hasaele a ba hlola ka nqeng tsohle tsa naha ea Iseraele;


ho tloha ka botjhabela ho Jorodane, e leng naha yohle ya Gileade, le ya ba morabe wa Gade, le wa Rubene, le wa Manase, le ho tloha Arowere e pela noka ya Arenone, ho ya fihla Gileade le bashane.


Hasaele, kgosi ya Arame, a shwa, mme Bene-Hadade, mora wa hae, a mo hlahlama.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele, mme ka nako e telele a neelana ka bona matsohong a Hasaele, kgosi ya Arame, le matsohong a Bene-Hadade, mora wa Hasaele.


Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele.


O ile a busetsa meedi ya Iseraele ditulong tsa yona, ho tloha ka Lekgalo la Hamate, ho ya fihla Lewatleng la Letswai. Hona ha phethahala ho ya ka polelo ya Morena Modimo wa Iseraele, eo a neng a e bue ka mohlanka wa hae, moporofeta Jonase, mora wa Amitai wa Mogate-Hefere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ