Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:21 - BIBELE

21 Ka tsatsi le leng, batho ba ne ba epela setopo, mme ba bona lebothwana la bahlabani. Ba akgela setopo ka lebitleng la Elisha, ba baleha. Ha setopo se thetsa masapo a Elisha, sa tsoha, motho eo a ema ka maoto a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Eitse mohlomong, ha ho patwa mofu, ba bona ho hlaha sehlopha. Ebile ba lahlela mofu lebitleng la Elisha, mme mofu ha a thetsa masapo a Elisha, yaba o boela a phela, a tsoha, a ema ka maoto.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:21
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hasaele, kgosi ya Arame, a hatella Baiseraele ka matsatsi wohle a puso ya Jehowakase.


Elisha a ema, a nna a tsamaya kahara ntlo. A boela a hlwella betheng, a paqama hodima ngwana, mme ngwana a thimola hasupa, yaba o a tutuboloha.


Bafu ba lona ba tla boela ba phele, ditopo tsa bona di tla boela di tsoha. Lona ba phelang leroleng, tsohang le bine; kahobane phoka ya hao e tshwana le phoka ya hoseng, fatshe le tla boela le tsosa bafu ba lona.


Ya neng a shwele a tswa a thatilwe maoto le matsoho ka masela a bafu, sefahleho sa hae se thatilwe ka lesela. Jesu a re ho bona: “Mo tlamolleng, le mo lese a ikele.”


Kannetenete, ke a le bolella: Nako e a tla, mme e se e fihlile, eo ka yona bafu ba tla utlwa lentswe la Mora wa Modimo, mme ba le utlwang ba tla phela.


hoo ha dituku kapa diforesekoto tse amileng mmele wa hae di ne di bewa hodima bakudi, malwetse a ne a ye a fole, le meya e mebe e tswe ho bona.


Batho ba ne ba tlisa bakudi ditseleng, ba ba beile dibetheng, le diphateng, e le hore ha Petrose a feta, seriti sa hae bonyane se mpe se sire ba bang ba bona.


Hoba ho fete matsatsi a mararo le halofo, moya o phedisang, o tswang ho Modimo, wa kena ditopong tsa bona, mme tsa ema. Ba neng ba di tadimile ba tshoha haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ