Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 13:13 - BIBELE

13 Jehowashe a shwa, mme setulo sa hae sa nkwa ke Jeroboame. Jehowashe a epelwa Samaria, le dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Joase a orohela ho bontatae, mme Jeroboame a dula teroneng ya hae; Joase yena a patwa Samaria ho marena a Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 13:13
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Ho seng jwalo, etlare ha monga ka, kgosi ya ka, a se a shwele, ebe ho thwe rona le mora wa ka Solomone, re mahlabaphiyo!”


Yaba o re ho Jeroboame: “Nka ditsekana tse leshome, hobane Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ke tla amoha Solomone mmuso, ebe wena ke o nea merabe e leshome.


Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, le tsa bohlabani ba hae, boo a neng a lwantshe Amasiya, kgosi ya Juda, ka bona, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Elisha o ne a kulela lefu. Yaba Jehowashe, kgosi ya Iseraele, o theohela ho yena; ha a ntse a lla, meokgo ya hae ya keleketlela hodima sefahleho sa Elisha, a re: “Ntate! Ntate! Wena mohlabanedi le thebe ya Iseraele!”


Jehowakase a shwa, mme a epelwa Samaria. Jehowashe, mora wa hae, a mo hlahlama.


Diketso tse ding tsa Jehowashe, le tsa bohlabani ba hae, le kamoo a neng a lwantshe Amasiya kgosi ya Juda kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketshalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Ka selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Amasia, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a qala ho busa, a le Samaria. A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong.


Tsena di phethahetse ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bue ho Jehu, a re: “Bana ba hao, ho isa molokong wa bone, ba tla busa setjhaba sa Iseraele.” Ho ile ha fela ha eba jwalo.


Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ