Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:7 - BIBELE

7 Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ebile morena Joase o bitsa moprista Jehojada le baprista ba bang, a re ho bona: Ha le a ka la lokisa dikgeo tsa ntlo keng? Kajeno, le se ke la hlola le nka ditjhelete ho ba tsebanang le lona, le mpe le di ntshetse dikgeo tsa ntlo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi.


Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle eo moprista Jehoyada a neng a ntse a mo tataisa ka yona;


Empa ka selemo sa mashome a mabedi a metso e meraro sa puso ya kgosi Jowashe, baprista ba ne ba eso ka ba thiba mapatso a Tempele ya Morena.


Baprista ba dumela hore ha ba sa tla hlola ba amohela tjhelete e tswang setjhabeng, le hore ha ba sa tla hlola ba thiba mapatso a Tempele.


Joabe a re: “Morena a ke a atise palo ya setjhaba sa hae halekgolo! Feela, monga ka, kgosi ya ka, ha ke re Baiseraele bohle ke bahlanka ba monga ka? Jwale ke ka lebaka lang ha monga ka a lakatsa ho etsa ntho ee? Ke ka lebaka lang ha monga ka a etsa Baiseraele ba tle ba sitwe?”


Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri.


A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.


Morena wa mabotho o bua tjena: “Setjhaba sena se re: ‘Nako ya ho tsosa Tempele ya Morena ha e eso fihle!’ ”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ