2 Marena 12:4 - BIBELE4 Jowashe a re ho baprista: “Tjhelete yohle, eo e leng dimpho tse abetsweng Morena, e tliswang ka Tempeleng ya Morena, e leng tjhelete eo motho ka mong a lekanyeditsweng ho e ntsha, le e lekanyeditsweng ba tlasa taolo ya hae, le tjhelete yohle eo motho a e ntshetsang Tempele ya Morena ka boithaopo; အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)4 Ebile Joase o re ho baprista: Haele tjhelete tsohle tse kgethilweng, tse tliswang ka tlung ya Jehova, le ditjhelete tse ntshwang ke e mong le e mong wa setjhaba, e leng ditjhelete tseo motho ka mong a lekanngwang ka tsona, le ditjhelete tsohle tseo motho a ikgopolelang ka pelong ya hae ho di tlisa ka tlung ya Jehova, အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.