Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:3 - BIBELE

3 feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, sa tjhesetsa mokubetso hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:3
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Asa a etsa ho lokileng mahlong a Morena, jwaloka Davida, ntataemoholo.


Empa dibaka tsa borapedi tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a se ke a di fedisa. Leha ho le jwalo, bophelong bohle ba hae Asa o ne a tshepahala ho Morena.


A tsamaya mehlaleng ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha. A kgahlisa Morena. Leha ho le jwalo, dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, ha di a ka tsa fediswa. Setjhaba sa nna sa etsetsa dinyehelo, le ho tjhesetsa mokubetso ho tsona.


Jowashe a kgahlisa Morena ka nako yohle eo moprista Jehoyada a neng a ntse a mo tataisa ka yona;


feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.


Asariya a kgahlisa Morena, jwalokaha Amasiya, ntatae, a ne a ile a etsa.


Feela ha a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng. Ke yena ya ileng a haha kgoro ya Tempele, e bitswang Kgoro ya Leboya.


Feela ha a a ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Setjhaba sa nna sa etsetsa mahlabelo dibakeng tseo, sa tjhesetsa le mokubetso hona teng.


Hesekiya a etsa tse lokileng mahlong a Morena, jwalokaha Davida, ntataemoholo, a ne a ile a etsa.


A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.


Josiya a kgahlisa Morena, a tsamaya mehlaleng yohle ya Davida, ntataemoholo, a se ke a e kgeloha.


Hesekiya a laela setjhaba se neng se ahile Jerusalema hore se ntshe seabo se newang baprista le Balevi, e le hore ba thahaselle ho phetha Molao wa Morena.


“Joko ya hao ke kgale o no e robe, marapo a yona wona wa a kgaola, wa re: ‘ha ke sa tla ba lekgoba la hao!’ Yaba o hlwella hodima maralla, tlasa difate tse talana wa lelera, wa paqama fatshe ho etsa bootswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ