Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:19 - BIBELE

19 Diketso tse ding tsa Jowashe, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya Diketsahalo ya Dikgosi tsa Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Haele taba tse ding tsa Joase, le tsohle tseo a di entseng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:19
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Diketso tse ding tsa Solomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketso tsa Solomone.


Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Diketso tse ding tsa Rehoboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Asa a nka silefera yohle le kgauta yohle e neng e bolokilwe ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka letloleng la ntlo ya kgosi. Tsena a di romela ka bahlanka ba hae ho Bene-Hadade, mora wa Taberimone, setloholo sa Heseone, kgosi ya Arame e neng e ahile Damaseka. A re ho Bene-Hadade:


Yaba Jowashe, kgosi ya Juda, o nka dintho tsohle tse halalelang, tseo bo-ntatae Jehoshafate, le Jehorame, le Akasiya, dikgosi tsa Juda, ba neng ba di abetse Morena; a nka le dintho tsa hae tsohle, tse halalelang, le kgauta yohle e neng e le ka letloleng la Tempele ya Morena, le ka tlung ya kgosi, mme tsena a di romela ho Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Hasaele o tloha Jerusalema.


Bahlanka ba hae ba mo rera ba mmolaela tlung ya Milo, tseleng e theohelang Silla.


Akase a hahara silefera le kgauta ka Tempeleng ya Morena, le ka matloleng a ntlo ya kgosi, mme a di romela ho kgosi ya Asiria, e le mpho.


Hesekiya a mo nea silefera yohle e neng e le ka Tempeleng ya Morena, le e neng e le ka letloleng la ntlo ya kgosi.


Ka yona nako eo, Hesekiya, kgosi ya Juda, a manolla kgauta eo a neng a e manehile mamating a Tempele ya Morena, le hodima dikosene, a e romela ho kgosi ya Asiria.


Diketso tse ding tsa Jehorame, le tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ