Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 12:16 - BIBELE

16 Ha e le tjhelete ya nyehelo e tlosang tshito le e tlosang sebe, yona e ne e sa tliswe ka Tempeleng ya Morena; e ne e le ya baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 12:16
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka kgetha moprista Shelemiya, le Sadoke eo e neng e le mongodi, le Pedaya wa Molevi, ho ba baokamedi ba matlo a polokelo. Ba ne ba tlatsitswe ke Hanane, mora wa Sakure, setloholo sa Mataneya, hobane ba ne ba tshepahala, mme mosebetsi wa bona e le ho nea bana babo bona diabo tsa bona.


Ba ruiswa ke sebe sa tjhaba sa ka, ba thabela ha se etsa bokgopo.


E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya podi eo, mme a e hlabele moo ho hlabelwang diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso teng.


“ ‘Molao wa sehlabelo sa ho tshwarelwa dibe, le wa nyehelo ya tefelo ya sebe o mong feela. Sehlabelo seo moprista a etsang tefelo ya sebe ka sona ke sa hae.


Dinyehelo tsohle tse phahamiswang tsa dintho tse halalelang, tseo bana ba Iseraele ba nyehellang Morena ka tsona, ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao. Ena ke taelo ya mehla yohle. Ke selekane sa letswai sa mehla yohle kapele ho Morena, ho wena le ho ditloholo tsa hao.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ