2 Marena 12:10 - BIBELE10 E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)10 Enere ha ba bona hoba ditjhelete di ngata letloleng, mongodi wa morena le moprista e moholo ba ne ba tla, ba bale tjhelete tse fumanweng tlung ya Jehova, ba di kenye mekotleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Kgosi Josiya a laela Hilekiya, Moprista e Moholo, le baprista ba mokgetho wa bobedi, le balebedi ba monyako, ho ntshetsa kantle ho Tempele ya Morena, dintho tsohle tse neng di etseditswe Baale, le Ashera, le letsatsi, le kgwedi, le dinaledi, ya di tjhesetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kiderone, mme molora wa tsona wa iswa Bethele.
Yaba Naamane o re: “Ke a o rapela: Nka silefera e etsang boima ba dikilo tse mashome a tsheletseng le metso e robedi.” A mo qophella hore a e nke. A kenya silefera eo ka mekotlaneng e mmedi, a e tlama. A nka le mefuta e mmedi ya diaparo tse ntle, mme tsena tsohle a di jarisa bahlanka ba hae ba babedi, ba eteletse Gehasi pele.
Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata.