Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:19 - BIBELE

19 Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Hape, a ya le balaodi ba makgolo, le matona, le dititimi, le setjhaba sohle sa naha, ba theola morena tlung ya Jehova, ba mo isa tlung ya morena ka tsela e yang monyakong wa dititimi, a ba a dula teroneng ya marena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:19
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bamidiane ba rekisa Josefa Egepeta, ho Potifaro, tona ya Faro le mookamedi wa balebedi.


Tsamaya, o ye ho kgosi Davida, o fihle o re ho yena: ‘Monga ka, kgosi ya ka, ha ke re o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao, wa re: “Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, a dule teroneng ya ka?” Jwale ho tla jwang hore ebe Adoniya ke kgosi?’


Sebakeng sa tsona kgosi Rehoboame a etsa dithebe tsa lethose, mme a di bea taolong ya balaodi ba balebedi ba neng ba lebela manyako wa ntlo ya kgosi.


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.


Jehoyada, a ena le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, le mahosana, le babusi ba setjhaba, le setjhaba sohle, ba ntsha kgosi ka Tempeleng ya Morena. Ba kena ka tlung ya kgosi ka Monyako o Kahodimo, mme ba e bea hodima terone ya puso.


Sehlopha sa bobedi se tla lebela ntlo ya kgosi, sa boraro sona se lebele kgoro e bitswang Kgoro ya Motheo. Setjhaba sohle se tla ba ka lebaleng la Tempele ya Morena.


dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle.


Morena o bua tjena: “Ngolang hore monna enwa ha a na bana, ke motho ya ke keng a atleha bophelong ba hae, ha ho le ya mong wa bana ba hae ya tla atleha, ya tla dula teroneng ya Davida, ya tla busa ba morabe wa Juda.


Haeba ruri tsena le ka di etsa, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida di tla kena dikgorong tsa motse ona, di palame kariki tsa ntwa le dipere, di tsamaya mmoho le bahlanka ba tsona, le setjhaba sa tsona.


Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.


“Mohla Mora Motho a tlang ka tlotla ya hae, a ena le mangeloi wohle, o tla dula teroneng ya hae ya botlotlehi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ