2 Marena 11:18 - BIBELE18 Setjhaba sohle sa naha eo sa kena ka tempeleng ya Baale, sa e heletsa, sa thuakanya dialetare le ditshwantsho tsa hae, sa di etsa thuethue, sa bolaela Matane, moprista wa hae, kapele ho dialetare. Moprista Jehoyada a kgethela Tempele ya Morena balebedi. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)18 Yaba setjhaba sohle sa naha se kena ka tlung ya Baale, sa e qhaqha; dialetare le ditshwantsho tsa teng ba di robaka dikoto, ba di qeta; ba bolaya le Matthane, moprista wa Baale, pela dialetare. Moprista a ntoo bea bahlahlobi hodima ntlo ya Jehova. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
A fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla difika tseo ba di kgumamelang, a rathaka le ditshwantsho tsa Ashera. A pshatla le noha ya lethose e neng e etswe ke Moshe, a e etsa mokungwane, hobane ho fihlela mohlang oo, setjhaba sa Iseraele se ne se tjhesetsa noha eo mokubetso. Noha eo e ne e reilwe lebitso la Nehushetane.
A thua dialetare tsa bo-Baale, a heletsa le ditshwantsho tsa medimo ya bohata, tse neng di le kahodimo ho tsona. A senya ditshwantsho tsa Ashera , le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse bopilweng. Tsena a di silakanya, a di etsa thuethue, mme a e qhalla hodima mabitla a batho ba neng ba di etsetsa mahlabelo.
Ha e le moporofeta eo, kapa molori eo, a bolawe, hobane o rutile setjhaba ho fetohela Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ya le lopolotseng moo le neng le le makgoba teng. O le kgelosa tsela eo Morena Modimo wa lona, a laetseng hore le tsamaye ka yona. Tlosang ke hona bokgopo boo hara lona.