Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:16 - BIBELE

16 Yaba ba a mo tshwara, ba mo ntsha ka tsela ya dipere, e kenang ka tlung ya kgosi, mme ba mmolaela hona moo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ba mo suthela tsela, a kgutlisetswa tlung ya morena ka tsela ya dipere, mme a bolaelwa teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Mang le mang ya tshollang madi a motho, le yena madi a hae a tla tshollwa ke motho, hobane Modimo o entse motho ka setshwano sa Modimo.


Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.”


Ba mo tshwara, mme ya re ha a fihla Monyakong wa Dipere, pela ntlo ya kgosi, ba mmolaya.


Baprista ba tsosa lerako le kahodimo ho Monyako wa Dipere; e mong le e mong a tsosa karolo e kapele ho ntlo ya hae.


Kgohlo yohle eo ho lahlelwang ditopo le molora ka ho yona, le naha yohle ho ya fihla molatswaneng wa Kiderone, le ho ya fihla sekgutlong se ka botjhabela, se bitswang Kgoro ya Dipere, naha eo yohle ho Morena e tla halalela. Motse oo o ke ke wa hlola o sa ripitlwa, leha e le ho timetswa le ka mohla.”


“ ‘Ha motho a otla motho e mong, mme a mmolaya, le yena o tla bolawa.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ