Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:15 - BIBELE

15 Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ebile moprista Jehojada o laela balaodi ba makgolo, e leng balaodi ba makgotla, a re ho bona: Mo ntsheng liemeng; ya mo latelang, le mmolaye ka lerumo. Hobane moprista o ne a itse: A se ke a bolaelwa tlung ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:15
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”


Yaba ba a mo tshwara, ba mo ntsha ka tsela ya dipere, e kenang ka tlung ya kgosi, mme ba mmolaela hona moo.


Ka selemo sa bosupa, Jehoyada a roma maqosa ho ya bitsa balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba kgosi. Ba ba tlisa ho yena Tempeleng ya Morena. Jehoyada a etsa selekane le bona, a ba hlaphantshetsa ka Tempeleng ya Morena, mme a ba bontsha mora wa kgosi.


Moprista Jehoyada a laela balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntsheng kahara mokgopi! Motho ya tla mo sala morao a bolawe ka sabole!” Moprista Jehoyada o ne a ile a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa ka Tempeleng ya Morena.”


Moprista Jehoyada a nea balaodi ba bahlabani ba lekgolo marumo a kgosi Davida, le dithebe tsa hae, le dithejana tsa hae, tse neng di le ka Tempeleng ya Modimo.


Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.


“Porofeta, ngwana motho, o be o ope diatla, sabole e hlathe habedi, e hlathe hararo, sabole ya ho ba bolaya e ba etsa mofela, e ba etseditse sakana-la-nkope.


Yaba o re ho bona: “Tempele ena le e silafatse! Mabala a yona le a tlatse ditopo! Tsamayang he!” Yaba ba tsamaya ba bolaya batho hara motse.


Motse wohle wa hlokoleha, batho ba phalla, ba tshwara Paulosi, ba mo hulela kantle ho Tempele, mme hanghang menyako ya kwalwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ