Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Marena 11:14 - BIBELE

14 Ha a fihla, a bona kgosi e eme pela tshiya, ho latela moetlo, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi, le setjhaba sohle se nyakaletse, se letsa diterompeta. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a howeletsa, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A tadima, a bona morena a eme pela tshiya ka mokgwa wa teng, le mahosana le ba letsang diterompeta ba le pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, se letsa diterompeta. Ebile Athalia o hahola diaparo tsa hae, a memetsa, a re: Jo! phetohelo! phetohelo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Marena 11:14
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Rubene a kgutlela ledumeleng, mme a bona hore Josefa ha a yo ka ledumeleng, a hahola diaparo tsa hae,


Jwale ba hahola diaparo tsa bona, e mong le e mong a bofa tonki ya hae, mme ba kgutlela motseng.


Kajeno o theohile, a ya etsa mahlabelo ka dipholo, le ka dinku, le ka manamane a nontshitsweng. O bile o memile bana bohle ba kgosi, le balaodi ba mabotho, le moprista Abiatare. Jwale ba ntse ba eja, ba enwa le yena, ba howa, ba re: ‘Kgosi Adoniya a ke a re phelele!’


Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.”


Kgosi ya ema pela tshiya, ya ntjhafatsa selekane kapele ho Morena, e leng sa ho latela Morena, le ho boloka ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, le ho phethisa mantswe a ngotsweng bukeng ena. Batho bohle ba itlama ka selekane seo.


Yaba banna bohle ba hlobola diaparo tsa bona ka potlako, ba mo alla tsona hodima mehato e nyolohang, ba letsa manaka, ba re: “Jehu ke kgosi!”


Ke ha Jorame a sokolla kariki ya hae, a baleha, a baleha, a re ho Akasiya: “Akasiya ee! Hona ke bohlabaphiyo!”


Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.


Kgosi ya ema ditulong tsa yona, ya etsa selekane kapele ho Morena, ya re e tla latela Morena, e boloke ditaelo tsa hae, le ditemoso tsa hae, le melao ya hae, ka pelo ya yona yohle, le ka moya wa yona wohle, ho phethisa mantswe a selekane, a ngotsweng bukeng ena.


Ha ba lokileng ba ngatafala, tjhaba se a nyakalla, empa ha ba kgopo ba busa tjhaba se a lla,


Ha a atamela, a le motheong wa Thaba ya Mehlwaare, bongata bohle ba barutuwa ba qala ho rorisa Modimo ka mantswe a phahameng bo thabile, ka baka la diketso tsohle tse matla tseo bo di boneng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ